DITLHOPHISO

Mmuso wa lehae ke o mong wa makala a mararo a mmuso Aforika Borwa. Mmuso wa lehae (hape o bitswa mmuso wa masepala) o entswe ka makhanselara a kgethilweng, botsamaisi ba khansele le batho ba dulang masepaleng, ba kenyeletsang baahi, diCBO le borakgwebo.
Ho bohlokwa ho tseba hore bankakarolo ke bomang masepaleng wa heno wa lehae. Foromo e ka kopollwang inthaneteng e kenyeleditswe hore o rekote dintlha tsa batho ba nang le thuso masepaleng wa heno. Bomasepala ba bang ba phatlalatsa lenane la mabitso le dinomoro tsa mehala tsa mmuso wa masepala, ha mmoho le mesebetsi ya bona eo ba lokelang ho e etsa le melao e o bolellang hore masepala o tsamaiswa jwang. Netefatsa hore o na le khopi ya ditokomane tsena.
SEBOPEHO SA MMUSO Mmuso wa lehae ke o mong wa makala a mararo a mmuso Aforika Borwa. Makala a mang a mabedi ke mmuso wa porovense le wa naha. Mmuso wa lehae, kapa mmuso wa masepala, jwalo ka ha o boetse o tsejwa jwalo, o entswe ka dihlopha tse tharo:
Masepala o feta sebaka kapa diofisiri tsa mmuso tse sebetsang moo: hape o kenyeletsa batho bao hantlentle ba dulang moo! Aforika Borwa e arotswe ka bomasepala ba arohaneng ba fetang 280. Kae kapa kae moo o phelang, o karolo ya mmuso wa lehae. Ho na le mefuta e mmedi ya mmuso wa lehae:
|